LEFAPHA LA DIPAPADI, BOIKGATHOLLO, BONONO LE SETHO
MORALO WA LEANO LA PUO LA MMUSO WA PROVENSE YA GAUTENG
DIKAHARE
SELELEKELA
SEPHEO
MAIKEMISETSO
MOLAO WA MOTHEO LE MELAO E TLAMANG
METHEO E TATAISANG
PHUPUTSO YA TSHEBEDISO LE NTSHETSOPELE YA PUO
DITATAISO TSA TSHEBEDISO LE NTSHETSOPELE YA PUO
PUO E SEBEDISWANG HA HO NGOLWA
PUO YA KGOKAHANO
KGOKAHANO YA MATJHABA
PHAHAMISO YA PUO
HO THEHA MATLA
SELELEKELA
Maano a bokolone le apareteite a bakile boemo boo e leng hore tshebediso ya dipuo tsohle tsa naha ntle le tse pedi feela di neng di neng di sa kgwellwe fatshe feela, empa di ne di hatelletswe ka matla a maholo. Senyesemane le Afrikanse di ne di le boemong ba dipuo tsa semmuso, mme ho ne ho etswa ka matla hore di phahamiswe le ho ntshetswa pele ka hohle ka moo ho ka kgonwang ka teng le ha ketso ena e ne e beha dipuo tse ding tsa naha kotsing.
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 o hlalosa hore ho se be sebetswe ka leeme tshebedisong ya tsohle tsa semmuso naheng haholoholo mabapi le ho phahamisa le ho ntshetsa pele ha dipuo tsa naha tse neng di kotelwa mehleng e fetileng. Jwalo ka naha ya dipuo tse ngata Molao wa Motheo le ona o amohela hore, ka ntle ho dipuo tse (leshome le motso o le mong) 11 tsa semmuso, ho na le dipuo tse ding tse jwalo ka Senama, Sekhoi, Sesane le Puo ya Matsoho tseo le tsona di lokelang ho phahamiswa le ho ntshetswa pele.
Gauteng ke provense ya matjhaba le ya dipuo tse ngata moo ho sa buuweng feela dipuo tse 11 tsa semmuso tsa Afrika Borwa (Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu), empa ke lelapa la dipuo tse ngata. Taba ena e bakwa ke hore badipolomate, bafallela le baphaphathehi ba tswang dikontinenteng tse ding le dikarolong tse ding tsa lefatshe ba dulang kapa ba mabapi le Gauteng e le lelapa la bona ka lebaka la boemo ba phedisano ya moruo.
Moralo wa Leano la Provense ya Gauteng le ntsheditswe pele ka lebaka la ditlameho tsa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 le Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba (le amohetsweng le ho kgakolwa ka selemo sa 2003 Hlakubele) o fanang ka ditokelo tsa molao wa motheo mabapi le tshebediso ya puo le ntshetso pele. Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba le batla hore diprovense tsohle dir ale maano a tsona a puo ho ya ka Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba.
Moralo wa Leano la Provense la Gauteng ke se etsahetseng ka lebaka la puisano baamehi ba fapaneng boemong ba setjhaba, provense, le tikolohong ya lehae. Baamehi bana ba kenyeletsa Lefapha la Bonono le Setho le Tshebeletso ya Puo ya Setjhaba, mafapha a Mmuso wa Provense wa Gauteng ho hlokomelwa haholo Lefapha la Thuto la Gauteng, Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, Komiti ya Puo ya Gauteng, bomasepala, Ofisi ya Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng le basebeletsi ba puo. Mokgwa ona wa puisano o tsamaisitswe ke Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono, le Setho le thuswa ke ditsebi tse fapaneng ditshebetsong tsa puo.
Pele ho dipuisano ho ile ha etswa phuputso ya hlahlobo ya puo ke mothusi ya nang le tsebo a batsi ya phuputso le boithuti. Ho ile ha nahanwa hape le ka pokello ya tsebo e teng Palong ya Batho ya 2001; tsebo e tsamaelanang le yona ditokomaneng tsa leano, ha mmoho le sephetho sa Phuputso ya Puo ya Gauteng.
Boemo bona, bo tsamaelanang le tjhesehelo (e yeng e be ya maikutlo a phahameng) e matla basebeletsing ba puo le baikitlaetsi, e fana ka mosebetsi o thabisang mabapi le Moralo wa Leano la Puo Gauteng, le batlang haholoholo ho fana ka ditataiso tse batsi tsa ho sebetsa ka mokgwa wa o ka sebediswang wa dipuo tse ngata.
E boela e amohela diphuputso tsa bohlokwa tsa puo ya phedisano tsa setjhaba tse neng di laetswe ke Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa ka 2001 moo sampole e ka bang teng e hlophisitsweng ya Maafrikborwa a dilemo tse 16 le ho feta moo tsa dihlopha tsohle tsa phedisano ho ba phelang mahaeng le ditoropong. Dibaka tseo ho tsepamuweng ho tsona ke puo ya lapeng le tshebediso ya puo dibakeng tsa poraevete le bophelong ba ka mehla, setjhabeng le mekgatlong, puo ya mosebetsi le ho rupela, maikutlo mabapi le leano la puo, le tshehediso e hlakileng ya puo le ya dipuo tse ngata.
Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Molao wa Motheo o amohela thuto e le e nngwe ya dikalana tsa bohlokwa tsa ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso ya puo. Moralo wa Leano la Provense ya Gauteng le ona o amohela ditlamo tsa Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa, wa 1996 ho ya ka dipehelo tsa tshebediso ya puo sekolong le ka moo Leano la Puo-Thutong le tsamaelanang le maikutlo a thuto.
SEPHEO
Sepheo sa Moralo wa Leano la Provense la Gauteng ke ho eketsa phahamiso le ntshetsopele ya dipuo tsa naha Gauteng tse neng di kotetswe.
MAIKEMISETSO
Dipheo tsa Moralo wa Puo tsa Provense tsa Gauteng jwale di tjena:-
a Ho phethahatsa ho bat eng ha ditokelo tsa puo tse fuperweng Molaong wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ka ho phahamisa ka boikitlaetso tshebediso ya dipuo tse ngata;
b Ho phahamisa tshebediso e hlokang leeme ya dipuo tse 11 tsa semmuso provenseng, ka ho etsa jwalo ke ho baka hore dintlha tsa phedisano, moetlo le toka ya puo di be teng;
c Ho thusa ka ho fihlellwa ho lekanang ha ditshebeletso tsa mmuso wa provense le tsebiso le ho kenya letsoho ditsamaisong tsa mmuso;
d Ho tshehetsa, ho ntshetsa pele le ho tswellisa tshebediso ya dipuo tse ngata provenseng le mmusong wa lehae le dikgokahano le ditshebedisano tsa bona le setjhaba;
e Ho phethahatsa hore ho be le phetoho dipuong tsa semmuso tsa provense tse neng di kotelwa mehleng e fetileng;
f Ho sireletsa ho fapana le phahamiso ho ya ka tshebediso ya dipuo tse ngata le kopano;
g Ho phehisa mabapi le ho boloka le tswelopele ya ntshetsopele ya boitsebiso ba rona bo matla le bo fapaneng ba moetlo;
h Ho phehisa mabapi le ho loela ha demokerasi ya rona, ho hahuwa ha setjhaba sa rona, ha mmoho le ho bontsha hore ka nnete re mmuso o hlokomelang le o phethahatseng.
i Ho sisinya ka makala a ho sebedisa, ho lekola puo le kgokahano ya maano provenseng;
j Ho thusa ka tataiso le ho bontsha mabapi le mmuso wa lehae ho ntshetseng pele maano a bona a puo a sebediswang, jwale ebe ho ntshetswa pele tshebediso ya dipuo tse ngata;
k Ho phamisa taolo e ntle ya puo e mabapi le ho sebeletsa setjhaba le ka taolo e phethahetseng le ho boloka tshebediso kgotsofatsang ya ditjhelete; le l Ho ntshetsa pele le ho phahamisa kaho ya setjhaba, ho rata setjhaba sa heno le kopano ya phedisano boemong ba dipuo le meetlo e fapaneng ya Gauteng
DITLAMO TSA MOLAO WA MOTHEO LE TSA MOLAO
Molao wa Motheo
Tse latelang ke dikarolo tsa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 tse amohetsweng moralong wa Moralo wa Leano la Provense ya Gauteng:-
Karolo ya 6 e phatlalatsa hore dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa ke
Karolo ya 6 e amohela nalane ya ho se lekane ha dipuo Afrika Borwa tse bakileng hore ho be le ho fela ha tshebediso le boemo ba dipuo tsa naha, mme di tlama puso hore e etse ho hong le ho rala mekgwa ya ho phahamisa boemo le tswelopele ya tshebediso ya dipuo tseo;
Karolo ya 6 (a) e hlalosa hore mebuso ya naha le ya provense e sebedise bonyane dipuo tse pedi tsa semmuso mabapi le dipheo tsa mmuso kamohelong ya tshebediso, ho sebetswa, boemo ba lebatowa, ditlhoko le boikgethelo ba setjhaba kaofela ha sona kapa provenseng e amehang;
Karolo ya 6 (b) e qaqisa hore mebuso ya lehae e amohele tshebediso ya puo le boikgethelo ba baahi ba yona;
Karolo ya 6 e tlama mebuso ya naha le ya provense ho laola le ho lekola tshebediso ya tsona ya dipuo tsa semmuso ho hlokomela bohlokwa le tshebetso e hlokang leeme;
Karolo ya 6 e thusa mabapi le ho theha Lekgotla la Dipuo Tsohle Tsa Afrika Borwa ka ho phahamisa le ho ntshetsa pele dipuo tsohle tsa semmuso; dipuo tsa Sekhoi, Senama le Sesane; le Puo ya Matsoho, le ho ntshetsa pele tlhompho ya dipuo tse sebediswang ka mehla Afrika Borwa;
Karolo ya 9 e sireletsa baahi hore ba se ke ba kgeswa ka mokgwa o sa lokang ka ho beha mabaka a puo;
Karolo ya 29 e bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa ka dipuo tseo ba ikgethelang tsona diinstitjhusheneng tsa setjhaba moo e leng hore thuto eo e ka rutwa. Hore ho tle ho hlokomelwe ho ka fohlellwa ho phethahetseng ho, le tshebediso ya, tokelo ena, ho tlameha hore ho be le ho amohela mekgwa e meng yohle ya thuto e fapaneng ka tekano, tshebetso le ho lokisa diphoso tse fetileng;
Karolo ya s and 31 e phahamisa ditokelo tsa baahi ka ho Kenya letsoho meetlong, bodumeding le dipuong;
Molao le Maano a Tshwanetseng
Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, wa 1995
Molao wa Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa, wa 1995 jwalo ka ha o fetotswe, hara tse ding, o thusa ho amohela, ho sebedisa le ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata, le ntshetsopele ya dipuo tsa naha tse neng di kotetswe mehleng e fetileng. E boela e laola ho thehwa ha dikomiti tsa provense tsa puo tse tlamehang ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata naheng.
Mmuso wa Provense wa Gauteng ho ya ka Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le se le thehile Komiti ya Puo ya Provense ya Gauteng.
Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa, wa 1996
Le ha Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa South African Schools Act SASA o le maemong a ho fetolwa, ha ho le jwalo, ha jwale o thusa Letona la Thuto, ho ya ka Molao wa Motheo le ka mora hoba ho buisanwe le Lekgotla la Matona, ho batlisisa mekgwa le boemo ba leano la puo dikolong tsa setjhaba. O boela o hlalosa hore lekgotla le busang la dikolo tsa setjhaba le ka nna la etsa qeto ka leano la puo la thuto ya sekolo Molaong wa Motheo, Molao ona SASA le molao ofe kapa ofe wa provense o ka sebediswang.
Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tsebiso, wa 2000
Dipheo tsa Molao wa Ntshetsopele ya Phihlello ya Tsebiso di tla thusa ka ho phethisa tokelo ya molao wa motheo wa ho fihlella tsebiso efe kapa efe eo mmuso, mekgatlo ya poraevete kapa batho ka ho latela dipehelo tse nkuwang di lokile. Pihlello e jwalo ha e bue feela ka ho fumana tsebiso ka bowena , empa le hore ha ho kgoneha, e be ka puo eo mokopi a ikgethelang yona.
Moralo wa Leano la Puo wa Setjhaba
Jwalo ka ha Shejulu ya 4 ya Molao wa Motheo e hlalosa hore puo ke karolo ya tshebetso ya provense ha mmoho le bokgoni ba provense, Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba o hlalosa hore makala ohle a puso (ya naha, diprovense le ya lehae) ha mmoho le diinstitjhushene tse busang setjhaba kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba di tlangwa ke Moralo wa Leano.
Ka ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata, diprovense di lebeletswe ho rala moralo wa leano la tsona la puo o latelang Moralo wa Leano la Puo la Setjhaba mme ho ntse ho elwa hloko mabaka a leng teng lebatoweng, ditlhoko le boikgethelo ba baahi ba provense. Mokgwa ona wa ho sebetsa o tla lebiswa tlase ho mebuso ya lehae e tla rala maano a ona a puo a tla latela Moralo wa Leano wa Provense.
Mmuso le ona o kgothaletswa, moo ho hlokehang teng, ho tshehetsa kgwebo ho ntshetsa pele le ho sebedisa maano a bona a puo ho ya ka Moralo wa Leano.
Leano la Puo-Thutong
Leano la Puo-Thutong ke leano la naha la puo le sebetsang dibakeng tsa thuto. Sepheo se ka sehloohong ke ho lokisetsa kgokahano hohle ho ya ka merabe, moetlo, puo le bodumedi, ha ka yona nako eo ho etswa hore ho be le boemo ba ho kgothaletsa ho hlompa dipuo tseo e seng tsa hao.
METHEO E TATAISANG
Metheo e latelang ke yona ya bohlokwa Moralong wa ona wa Leano:-
a Tlhompho ya ditokelo tsa puo tsa baahi jwalo ka ha di fuperwe Molaong wa Motheo;
b Ho etsa bonnete ba hore ho be le tshebediso e tshwanang ya dipuo tse leshome le motso o le mong tsa semmuso 11 provenseng ya Gauteng;
c Ho phahamisa tshebediso ya ho fapana ha dipuo;
d Ho ntlafatsa matla a dipuo tsohle tsa semmuso ho phehisetsa ntshetsopeleng le ho kenyeng letsoho dipolotiking le moruong wa phedisano;
e Ho ntlafatsa boemo le mesebetsi ya dipuo tse neng di kotetswe mehleng e fetileng Tokiso;
f Ho matlafatsa puo jwalo ka mohlodi wa kgokahano ka tshebediso le phethahatso ya tshebediso ya ditjhelete;
g Ho thibela tshebediso ya puo mabapi le dipheo tsa ho sebedisa, kgatello le kgethollo ho hloka kgethollo;
h Ho shebana le ditlhoko, ditabatabelo le maikemisetso a ditjhabana tsa puo tse fapaneng;
i Ho sebedisana le diinstitjhushene tsa setjhaba, poraevete le tse ding le dibaka tse phahamisang tshebediso ya dipuo tse ngata Ditshebedisano;
j Ho phahamisa ditokelo tsa demokerasi tsa baahi hore ba kenye letsoho haholo mosebetsing wa setjhaba, ho kenyeletswa letsoho ho raleng, tshebedisong ya tekolo ya puo le maano a kgokahano;
k Ho phahamisa ho fihlella ha tsebiso le ditshebeletso tsa mmuso ka kgokahano e phethahatseng.
l Ho kopanya puo bakeng sa ho etsa bonnete ba hore mmuso o ikarabelang hape o sebeletsang pepeneneng, o arabela ditlhoko tsa baahi;
m Ho kgathalla le ho dumella boikgethelo ba puo, tshebediso le bokgoni ba dibui tsa puo;
n Ka mehla ho lekolwa tshebediso le matla a puo le maano a kgokahano le ditshebeletso le ho phettwa hape ho phethahetseng ha ho hlokeha.
Puisano ka dipuo tse 11 tsa naha tsa semmuso e be ntho e hlomphuwang hape e kgothaletswang.
Leano la Puo-Thutong le bolela hore baithuti bohle ba lokela ho fuwa monyetla wa ho ithuta bonyane puo e le nngwe ya naha, dibaka tsohle tsa ho ithuta puo di fuwe mehlodi le nako e tshwanang, mme bolaodi ba phethahatso provenseng bo lekanyetse leano ka tswelopele ya ditlhoko tse mabapi le dipuo e le dithuto ho ya ka ditlwaelo tsa setjhaba.
KANANELO YA TSHEBETSO
Kananelo ya tshebetso ya Moralo wa Leano e tla kenyeletsa Mafapha a Mmuso wa Provense ya Gauteng, Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng, bomasepala (ho ntse ho elwa hloko tshebediso ya puo lebatoweng mmoho le boikgethelo), le diinstitjhushene Provenseng tse nang le matla kapa di phetha mosebetsi wa setjhaba. Dikgwebo tsa poraevete le mekgatlo eo e seng ya mmuso le yona e tla kgothaletswa ho ntshetsa pele maano a ona a puo ho ya ka Moralo wa Leano.
PHUPUTSO KA TSHEBEDISO YA PUO GAUTENG
Theibole e ka tlase mona e atametsa dipersente tsa tlhahiso ya puo ya lapeng ya Gauteng le ya Afrika Borwa ho ya ka Palo ya Batho ya 2001.
Puo
Afrika Borwa
Tshivenda
Dipalo tse ka hodimo mona di bontsha hore isiZulu ke puo ya lapeng e buuwang ke batho ba fetang 20% ya palo ya setjhaba provenseng le naheng. Ke taba ya bohlokwa hape ho hlokomela hore le ha Senyesemane se sebediswa haholo jwalo ka puo ya kgwebo le saense, e boemong ba bone le ba botshelela provenseng le naheng ka ho latellana. Hona ho boela ho bontsha hore ha ho puo e okametseng tse ding tsa lapeng provenseng , empa ho na le tshebediso ya dipuo tse ngata eo e leng hore dipuo tse hlano tse ka hodimo tsa lapeng di buuwa ka botsona ho feta dipersente tse 10 tsa palo ya setjhaba, tseo e reng ha di kopanngwa, di eba 70% tsa palo ya setjhaba tsa provense.
Ho latelang ke boemo ba dipuo tsa lehae ka moo di behilweng ka teng ka Palo ya Setjhaba ya 2001 e bontshang dipuo tse nang le batho ba bangata ba di sebedisang ho ya ka boholo ba tsona:
Ho kengwa tshebetsong ha Moralo wa Leano la Puo la Gauteng ho lokela ho ela hlokole dumelle le be le ele hloko diphaphano tse ka hodimo mona. Ho akanngwa hore dipuo tse ding ha din a dipalo tse hodimo tse kaalo hore di sebediswe provenseng, di mpa di le hodimo ka dipalo mmusong wa lehae, mme ka lebaka lena di tla amohelwa mmusong wa lehae le mesebetsi ya provense e tla sebediswa mmusong wa lehae.
PHUPUTSO YA TSHEBEDISO YA PUO MMUSONG WA PROVENSE YA GAUTENG
Ka selemo sa 2003 Lefapha la Dipapadi, Boikgathollo, Bonono le Setho le ile la laela hore ho be le phuputso ka dintlha tsa puo le kgokahano ya mafapha a Mmuso wa Provense ya Gauteng. Sepheo se seholo sa ho bokella dintlha e ne e le ho lekanyetsa ditlhoko tsa puo (ho kenyeletswa mehlodi) le boikgethelo ba taolo le ditlelaente tsa ditshebeletso tsa provense.
Ka ho buisana le setjhaba ka dintlha tsa ho sebeletsa (ditshebeletso tsa mantlha), dintlha tse bokelletsweng di fana ka moelelo wa seo boholo ba bahlanka ba mmuso ba se buang le ditlelaente haholo ka puo e le nngwe kapa tse ngata tsa naha ho feta Senyesemane le Afrikanse le boholo ba basebedisi ba ditshebeletso tsa mmuso di di sebedisang dipuo tsa naha haholo ka teng. Sepetleleng sa provense, ho tea mohlala, dintlha tse bokelletsweng di bontshitse hore tshebediso ya puo e etswa ke mohlanka wa mmuso e ne e le 7,9%, 36,8% le 58,5% ka Afrikanse, Senyesemane le puo ya Afrika ka ho latellana.
Maemo a fetoha taolong ka ha karabo ya moifo wa basebeletsi o ne o re direkoto, pehelo le ho buisana ka semmuso di ne di etswa ka Senyesemane eo e leng hore ha se puo e sebediswang haholo ha ho buuwa ka mehla ke basebeletsi.
E boela e hlwaya tlhokeho e kgolo ya ditshebeletso tsa phetolelo le e bohlokwahadi ya ho sebeletswa ka tshebediso ya puo ya lapeng. Hona ho tla sebediswa ka ho bua le ho ngola.
Le ha ho sa etswa phuputso ya saense, ha se mafapha ohle a fetoletseng ditokomane tsa ona tsa mokgwa wa tshebetso dipuong tse itseng tsa naha. Le ha ditekanyetso tsa ditjhelete tsa mafapha a fapaneng e le tsona di kginang mabapi le ho tswela pele ka matla ho fetoleleng ditokomane tsa mokgwa wa ho sebetsa, ho na le tlwaelo e ntle ya ho fetolela kapa ho toloka ditokomane tsena dipuong tsa naha. Mohlala o le mong e tla ba tshebediso ya dipuo tse pedi tsa naha phetolelong ya Tekanyetso ya Tjhelete ya Provense ya 2005.
DITATAISO TSA TSHEBEDISO YA PUO LE NTSHETSOPELE MMUSONG WA PROVENSE YA GAUTENG
Mmuso wa Provense ya Gauteng, jwalo ka ha ho lebeletswe ho ya ka Molao wa Motheo, mme e le mosebetsi o hlokehang le wa maemo, o tla hlompha le ho phahamisa ditokelo, ho kenyeletswa tshebdiso ya puo ya baahi bohle ba provense ya bona.
Ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng e mong le e mong o tla sebeletswa ka ho bua puo ya hae le ho mo ngolla ka yona kapa ka puo eo a ikgethelang yona ho ya ka ditlhoko tsa Molao wa Motheo le ho ba teng ha mehlodi e ka thusang. Ho ya ka pehelo ya pokello ya dintlha tsa phuputso tse hlalositsweng ka tlasa sehlohwana sa 8, tshebediso ya dipuo tsa naha e opelwa diatla ebile e kgothaletswa ho tswela pele , empa moo sephetho se leng tlase teng, mekgwa ya ho ntshetsa pele ditlhoko tsa maemo tse amohetsweng le tse potlakisitsweng.
PUO E SEBETSANG YA REKOTO
Puo ya rekoto ya mosebetsing e ngotsweng Mmusong wa Provense ya Gauteng e tla ba Senyesemane , mme dikgatiso tsa phetolelo di tla ba teng ha di kotjwa ka dipuo tse ding tsa semmuso le ka Boreile moo ho ka kgonehang teng. Moo ho bonahalang e le taba ya bohlokwa teng, ditokomane tse ding di tla fetolelwa palong efe kapa efe ya dipuo tse leshome tsa semmuso, mme di phatlalatswe ka ntle le hore di kotjwe. Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng le tla tswela pele ka ho hlahisa direkoto tsa dingagngisano bonyane ka dipuo tse nne tsa semmuso.
Senyesemane le sona se tla sebediswa e le mokgwa wa ho buisana mabapi le tshebedisano ya ka lefapheng le tshebedisano ya mmuso ya kgokahano.
PUO YA KGOKAHANO
Puo ya kgokahano ya ka ntle le ya ka hare e tla tataiswa ke tshebediso ya dipuo tse ngata moo boikgethelo ba dipuo bo tla sebetsang ho ya ka sepheo, dikahare, ho ba teng ha mehlodi le bamamedi ba puo. Tshebediso ya puo ditshebeletsong tse ka pele tse jwalo ka dipetlele tsa setjhaba, diteishene tsa sepolesa, dibaka tsa tshebeletso ya setjhaba, diofisi tsa bodulo le Lekgotla le Etsang Molao la Gauteng le lokela ho tswela pele ka ho fana ka diforomo tsa ditshebeletso ka bonyane dipuo tsa naha tse fetang e le nngwe kapa moo hlokehang teng haholo e be ka dipuo tse leshome le motso o le monga tsa semmuso. Re tlameha ho tiisa hape hore ho bat eng ha mehlodi e tla ba e nngwe ya dintho tse tla lekanyetsang.
Thutong, Moralo wa Puo wa Provense ya Gauteng o amohela puo ya kgokahano le ya ho ruta dikolong jwalo ka e amohetswe ho SASA le Leano la Puo Thutong.
Leano la Puo Thutong provenseng e tlameha ho lekolwa e le karolo ya Moralo wa Leano la Puo la Gauteng mabapi le ntshetsopele ya puo thutong.
KGOKAHANO YA MATJHABA
Kgokahano ya Mmuso wa Provense ya Gauteng matjhabeng e ye e be ka Senyesemane kapa ka nakwana ka puo e batlwang ya naha eo ha ho ka kgoneha.
PHAHAMISO YA PUO
Diyuniti tsa Kgokahano tsa mafapha a Mmuso wa Provense a Gauteng a etelletsweng pele ke Mookamedi ya ka Sehloohong: Dikgokahano tsa Mmuso le Ditshebeletso tsa Tsebiso ofising ya Moporemiri di tla thusa le ka ho tataisa Mmuso wa Provense wa Gauteng ka mananeo a tla totisa ho phahama ha dipuo tsa semmuso le dipuo tse ding tse tsamaelanang le Molao wa Motheo. Lefapha le leng le le leng la Mmuso wa Provense wa Gauteng le tla fumana ditshebeletso tsa puo tsa lona.
Ka selemo foramo ya kgokahano ya Mmuso wa Provense wa Gauteng e tla, ho ya ka diphuputso tsa yona, ho kenyeletswa ho hlokomela le ho lekola ho phethahatswa ha phahamiso ya puo le mananeo a ntshetsopele a phethwang ke mafapha a Mmuso wa Provense wa Gauteng. Se etsahalang ka mora moo se tla laola hore ho sebetswe jwang le boholo ba ho thusa jwalo bo tla itshetleha hodima mehlodi e teng.
Lefapha la Thuto ka bolona le tla phamisa le ntshetsapele dipuo tse ileng tsa kotelwa mehleng e fetileng jwalo ka ha SASA le Leano la Puo Thutong le boletse.
Jwalo ka karolo ya mesebetsi ya lona, Komiti ya Puo ya Provense ya Gauteng e tla eletsa Mmuso wa Provense wa Gauteng ka ditaba le merero e tla thusa ho phahamisa le ho ntshetsa pele dipuo haholoholo dipuo tsa naha tse neng di le ka mosing mehleng e fetileng.
Ho tlameha hore ho hlaloswe hore boholo boo phahamiso le ntshetsopele ya puo bo bang ka teng bo tla tswa ka kabo ya tekanyetso ya tjhelete le mehlodi e teng.
HO THEHA MATLA
Ho thehwa ha makala a mang le hore setjhaba se tsebiswe ka puo eo se ikgethetseng sona, le tshebediso ya dipuo tsa sona e tla ba le matla ho ntshetseng pele moifo makaleng ao le mafapheng a Mmuso wa Provense wa Gauteng ka kakaretso.
Qetellong basebeletsi le baemedi ba setjhaba boemong ba Mmuso wa Provense wa Gauteng ba tsebe tse ding kapa boholo ba dipuo tsa semmuso e le ka sepheo sa ho phethahatsa ho thusa ka ho phethahala le ka bokgoni.
Hona ho bolela hore mafapha a tla lokela ho rupella le ho ntshetsa pele moifo wa bona o sebetsanang le batho o ka pele ka ho buisana le setjhaba ho ya ka metheo ya Batho Pele.
Ka maiteko a matla a ho ntshetsa pele dipuo tsa naha le ho tswela pele ho fetola dipalopalo tsa batho, ho tla lokela hore, ka tshebetso ya dilemo tse hlano, ho lekolwe hape Moralo wa Leano ho lekanyetsa hore na o sa tshwanelaha na.
